Pampiri ena e na le maqephe a 7.
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng: KAROLO YA A: Moqoqo KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe LEQEPHENG LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be: KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 400 - 450 KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano - mantswe a 180 - 200 KAROLO YA C: Ditema tse kgutshwane - mantswe a 100 - 120
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. Ha o hlaola diphoso sebedisa pensele/potloloto ho paka hore o fela o boeleditse mosebetsi wa hao.
Mohlahlobuwa o tla abelwa matshwao bakeng sa ho phethahatsa mehato ena.
Maafrikaborwa a thabile haholo ka ho tliswa ha tlhodisano ya mohope wa lefatshe wa papadi ya bolo ya maoto wa 2010. Ona ke monyetlahadi wa bohlokwa wa ho matlafatsa Maafrikaborwa moruong. Mmuso o sebetsa ka thata ho etsa hore baahi ba naha ena ba tle ba tshwaele ketsahalong ena. Empa jwale, tsietsi e kgolo ke ho re tlhahisoleseding e mabapi le ditokisetso e monyebe, mme setjhaba ha se tsebe seo se lokelang ho se etsa hore se tle se une molemo ketsahalong ena. Ha o bona, ke eng seo setjhaba se lokelang ho se etsa? Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang mehopolo ya hao mabapi le ntlha ena. Sehlooho sa moqoqo e be, Nna ke bona tharollo ya taba ena e le ... [50]
KAPA KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE.
Wena le metswalle ya hao le tshwere mashodu a mabedi a pshatlileng le ho utswa thepa sekolong sa lona. E ne e se e le lekgetlo la bobedi sena se etsahala mme tshenyo e ne e le e ballwang ho diketekete tsa diranta. Kajeno sekolo sohle hammoho le setjhaba se motlotlo ka ketso ena ya lona. Ketso ena eo le e entseng e tiisa puo ya Basotho e reng, 'Monna ha a fellwe ke maqheka'. A ke o ngole moqoqo oo ho wona o phetang tseo le ileng la di etsa ho tshwara mashodu ao. Sehlooho e be, Monna ha a fellwe ke maqheka. [50]
KAPA
Mmuso o entse malebaleba le mawala a mangata a ho hlokomedisa batjha mmoho le setjhaba kotsi ya ho tsuba. Diphuputso di supa hore ho tsuba kwae ho kotsi mme ke sesosa sa mafu a mangata a akgang mofetshe (kankere) le a mang. Se makatsang ke ho re batjha bongata ba a tsuba, ho kenyeleditswe le bana ba banana. Kwae ha e na molemo setjhabeng mme e lokela ho thibelwa. Na o a dumela? Ngola moqoqo mme o nehelane ka lehlakore la hao tabeng ena. Sehlooho sa moqoqo e be, Ho tsuba kwae ho kotsi. [50]
KAPA
Wena le baithuti ba bang ba sekolo sa heno le thehile mokgatlo wa thekolohelo motseng wa heno. Mokgatlo ona wa lona o tsebahala le ho ipabola ka mesebetsi le ditshebeletso tse itseng setjhabeng. Setjhaba se o tshehetsa haholo ebile se motlotlo haholo ka mokgatlo ona wa batjha. A ke o ngole moqoqo oo ho wona o hlalosang le ho lokodisa ka botlalo seo mokgatlo ona wa lona o se etsang. Sehlooho sa hao sa moqoqo e be, Wa rona mokgatlo o ikemiseditse. [50]
KAPA
Demokrasi e tlile ka diphetoho tse ngata. E nngwe ya diphetoho tse tlisitsweng ke demokrasi e bile ho fediswa ha kgalemo ya baithuti ka tshebediso ya thupa dikolong. Phetoho e nngwe le e nngwe e ntjha ha e fihla setjhabeng e baka pherekano. Setjhaba se arohile dikoto ntlheng ena; sekoto sa pele se bona matitjhere a hlokiswa matla dikolong mme baithuti ba iketsetsa boithatelo, athe sa bobedi sona se bona hona e le ntho e ntle haholo hoba jwale baithuti ba kgona ho ithuta ka bobona ntle le ho hlekefetswa meyeng, maikutlong le mmeleng. Wena o bona mahlakore ana ka bobedi a nepile. O na le mabaka a hao ao ka ona o ka tshehetsang maikutlo ana. Ngola moqoqo oo ho ona o hlahisang le ho hlalosa mabaka ana a hao. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be,
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema ya hao e be mantswe a 180 - 200.
Hangata ha re bala masedinyana matsatsing ana re sisimoha maikutlo ke ditaba tse mpe tseo re di balang. Kgafetsa re utlwiswa bohloko ke tse ding tsa ditaba tse kang dipolayano, dipeto le tshebediso e mpe ya dithethefatsi dikolong. Baahi ba naha ena ba lokela ho kopana hore ba tle ba fumane tharollo ya qaka ena. Sesotho se re 'ntjapedi ha e hlolwe ke sebata', mmuso le setjhaba (batswadi, matitjhere mmoho le bona baithuti) se lokela ho tshwarana ka matsoho ho lwantsha kgodumodumo ena. O tshwenngwa ke maemo ana, mme o lakatsa ho phehisa ka ho hlahisa keletso e itseng. Ngola lengolo le yang koranteng e balwang tikolohong ya motse wa heno mme o hlahise maikutlo a hao mabapi le ntlha ena, o be o nehelane ka tharollo. [30]
KAPA
Sekolo seo o neng o le moithuti ho sona se rerile ho etsa mokete wa kopano ya baithuti ba kileng ba kena ho sona wa dilemo tse 20. Jwalo ka ha o ne o le modulasetulo wa Lekgotla la Kemedi ya Baithuti (RCL) o kgethilwe ho ba sebui sa letsatsi moo o tlang ho bua le ho hlalosa nalane le tswelopele ya sekolo sena sa lona. Ngola puo eo o tla e tshetlehela setjhaba moketjaneng oo letsatsing leo. [30]
KAPA
Ka letsatsi le leng o ne o le tekesing o leba toropong. Ho ile ha hlaha kotsi dipakeng tsa tekesi eo le sethuthuthu ka lebaka la koloi e nngwe e neng e le seha tsebe. O bone tsohle tse etsahetseng mohla letsatsi leo, mme o laetswe ho nehelana ka tlaleho ya se etsahetseng. Ngola tlaleho/pehelo (raporoto) eo o tla e neha ba sepolesa. [30]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 30 KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele e be mantswe a 100 - 120.
O atlehile tlhahlobong ya makgaolakgang ya kereiti ya 12. Matshwao a hao a matle ebile a a kgotsofatsa. O e mong wa baithuti bao mmuso o ba fileng basari, mme o ba romela naheng ya Cuba ho ya ithutela bongaka. Sena se o thabisetse haholo hoba ke monyetla ho wena wa ho ntshetsa pele dithuto tsa hao. O lakatsa ho arolelana thabo ena ya hao le motswalle wa hao ya ntseng a ithuta naheng ya Amerika. Ngolla motswalle enwa wa hao karete mme o mo tsebise ditaba tsena. [20]
KAPA
Wena le metswalle ya hao le ne le ithehele mokgatlo wa sosaethi o reretsweng ho thusa ditho tsa wona ho ya dibakeng tsa phomolo ka boTshitwe ha dikolo di kwetswe. Mokgatlo ona o bitswa 'A re Ahaneng'. O mongodi mokgatlong ona. Kopano ya lona ya kgwedi ya Mphalane e ne e dutse beke e fetileng, mme o tshwere lenanetsamaiso la kopano eo. Ngola metsotso ya kopano e etellwang pele ke lenanetsamaiso eo o tla e romella ditho tsa mokgatlo (bonyane beke pele ho letsatsi la kopano). [20]
KAPA
Botlokotsebe ba ho pshatla le ho utswa matlong a baahi motsheare ha ho uwe mesebetsing bo se bo ja setsi motseng wa heno morao tjena. Baahi ba lekile mawa le mekgwa e mengata ya ho fedisa sena. Ba se ba bile ba buile le ho tletleba ho wena jwalo ka lekhanselara la motse. O se o tseba dintlha kaofela, mme o se o buile le bohle ba ka o thusang ho rarolla bothata bona. Jwale o lokela ho epa pitso ya setjhaba ho tla tshohla taba ena mmoho le tse ding tse amang setjhaba. Mokgwa wa ho bitsetsa setjhaba pitsong ena e ka ba feela ho sebedisa phousetara feela hoba ha ho ditsela tse ding. Ngolla setjhaba phousetara e totobatsang dintlha tsohle tse mabapi le kopano ena. [20]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 20
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100
